-
1 Bakorinthe 8:10, 11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Le hoja le tseba hore melimo ea litšoantšo ha e na thuso, ha motho eo letsoalo la hae le fokolang a le bona le ja ka tempeleng ea litšoantšo tse rapeloang, a ka susumeletseha hore a je lijo tse nyehetsoeng bakeng sa litšoantšo tse rapeloang. 11 Le hoja u tseba hore ha se phoso ho ja lijo tseo, u ka senya tumelo ea ngoan’abo rona ea nang le letsoalo le fokolang. Hopola hore ke ngoan’eno eo le eena Kreste a mo shoetseng.+
-