Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Bakorinthe 16:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Le latele litaelo tseo ke li fileng liphutheho tsa Galatia tabeng ea chelete e bokelloang bakeng sa balumeli-’moho le rona.*+

  • 2 Bakorinthe 8:1-4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Bana beso, re batla hore le tsebe ka mosa* oo Molimo a o bontšitseng liphutheho tsa Macedonia.+ 2 Nakong eo ba neng ba le mahlomoleng ka lebaka la teko e kholo e ba hlahetseng, ba ile ba bontša hore ke batho ba ratang ho fana ka hore ba fane ba thabile le hoja ba ne ba futsanehile haholo. 3 Kea paka hore ba fane kahohle kamoo ba ka khonang+ ebile ba fane le ho feta kamoo ba neng ba ka khona.+ 4 Ba ile ba ba ba ikopela hore le bona ba fuoe monyetla oa hore ba fane le hore ba kenye letsoho ho thusa balumeli-’moho le bona.*+

  • 2 Bakorinthe 9:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Kea tseba hore le ikemiselitse ho ba thusa ebile ke ithorisa ka lona ho Bakreste ba Macedonia. Ke ba boleletse hore lona moo Akaia, le se le e-na le selemo joale le ikemiselitse ho thusetsa. Kahobane le ikemiselitse ho thusetsa, ba bangata ba bona ba batla ho le etsisa.

  • 2 Bakorinthe 9:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Mosebetsi ona oo re o etsetsang batho ba bang, ha re o etse feela hore re thuse balumeli-’moho le rona* ba hlokang+ empa re boetse re o etsetsa le hore batho ba bangata ba lebohe Molimo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela