-
Matheu 18:15-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Hape haeba ngoan’eno a etsa sebe, e-ea u mo bontše phoso ea hae* moo le leng bang.+ Haeba a u mamela, u tla be u thusitse ngoan’eno ho etsa ntho e nepahetseng.+ 16 Empa haeba a sa mamele, u ee le paki e le ’ngoe kapa tse peli e le hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka tiisoa ka bopaki* ba lipaki tse peli kapa tse tharo.+ 17 Haeba a sa ba mamele, u bue le phutheho. Haeba a sa mamele le phutheho, ho uena a be feela joaloka molichaba+ kapa ’mokelli oa lekhetho.+
-