-
Genese 24:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Abrahama a re ho mohlanka oa hae e moholo lelapeng la hae, ea neng a okametse lintho tsohle tseo a nang le tsona:+ “Ke kopa u behe letsoho la hao tlas’a serope sa ka* 3 ’me ke tla etsa hore u hlapanye ka Jehova, Molimo oa maholimo le Molimo oa lefatše hore u ke ke oa nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana, bao ke lulang har’a bona.+
-
-
Deuteronoma 7:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Le se ke la etsa selekane leha e le sefe sa lenyalo* le lichaba tseo. Le se ke la fana ka barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale barali ba tsona.+ 4 Kaha ba tla khelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela ’me ba sebeletse melimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla le felisa ka potlako.+
-
-
Nehemia 13:25, 26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Kahoo, ka ba khalemela ’me ka ba lemosa ka likahlolo tsa Molimo, ka otla banna ba bang ba bona,+ ka ba hlotha moriri ’me ka etsa hore ba hlapanye ka Molimo ka re: “Ha lea lokela ho lumella barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba bona ’me ha lea lokela ho lumella bara ba lona hore ba nyale barali ba bona ’me le lona ha lea lokela ho ba nyala.+ 26 Na ha se ka lebaka la bona Morena Solomone oa Iseraele a ileng a etsa sebe? Har’a lichaba tse ngata ho ne ho se na morena ea joaloka eena.+ O ne a ratoa ke Molimo oa hae,+ hoo Molimo a ileng a mo etsa morena oa Iseraele eohle. Empa basali bao e seng Baiseraele ba ile ba etsa hore le eena a etse sebe.+
-