-
Baroma 15:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Nke ke ka re letho ka lintho tseo ke li entseng. Ke tla bua feela ka tseo Kreste a ileng a ntšebelisa ho li bua le ho li etsa e le hore lichaba li mo mamele. 19 Li ile tsa mamela ka lebaka la mehlolo le limakatso+ tse entsoeng ka matla a moea o halalelang. Ka lebaka leo, ke boletse ka botlalo litaba tse monate tse mabapi le Kreste ho tloha Jerusalema ho ea fihla Ilirikame.+
-
-
1 Bakorinthe 4:20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Liketso tsa rona ke tsona tse bontšang hore re busoa ke ’Muso oa Molimo le hore re na le matla a tsoang ho Molimo, eseng lipuo tsa rona.
-
-
1 Bathesalonika 1:5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 hobane litaba tse monate tseo re li bolelang, ha rea li bua ka mantsoe feela empa le li utloile le thusoa ke moea o halalelang. Re ne re kholisehile hore molaetsa oo re le bolellang oona ke ’nete ’me o le thusitse haholo. Le tseba tsela eo re ileng ra itšoara ka eona molemong oa lona ha re ne re le har’a lona.
-