-
Baheberu 5:12-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Le ne le tšoanela hore ebe le mesuoe hona joale empa le boetse le hloka motho ea tla le qala fatše, a le rute lintho tsa motheo+ tsa lentsoe la Molimo le halalelang. Le se le boetse le le batho ba hlokang lebese eseng lijo tse tiileng. 13 E mong le e mong ea noang lebese ha a tloaelana le lentsoe la Molimo le lokileng hobane ke ngoana.+ 14 Empa lijo tse tiileng ke tsa batho ba holileng kelellong, ba khonang ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng hobane ba ithutile ho sebelisa likelello tsa bona.
-