-
Liketso 18:26-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
26 Apolose o ne a bua ka sebete ka tlung ea thapelo.* Ha Prisilla le Akuila+ ba mo utloa a ruta, ba tsamaea le eena ’me ba mo qaqisetsa litsela tsa Molimo ka tsela e nepahetseng. 27 Kaha Apolose o ne a batla ho tšelela Akaia, barutuoa ba Efese ba ngolla barutuoa ba Akaia ba ba kopa hore ba amohele Apolose. Ha a fihla moo, o ile a thusa barutuoa haholo ba neng ba lumetse ka lebaka la mosa* oa Molimo. 28 O ne a bua ka matla ka pel’a batho bohle, a fana ka bopaki ba hore Bajuda ba fositse, a bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.+
-