-
Luka 18:10-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 “Banna ba babeli ba ile ba nyolohela tempeleng ho ea rapela. E mong e ne e le Mofarisi, e mong e le ’mokelli oa lekhetho. 11 Mofarisi a ema eaba o rapella ka pelong o re: ‘Molimo, kea u leboha hore ebe ha ke tšoane le batho ba bang kaofela, ba kang masholu, balotsana, ba febang kapa esita le ’mokelli enoa oa lekhetho. 12 Ke itima lijo habeli ka beke ebile ke fana ka karolo ea leshome ea lintho tsohle tseo ke nang le tsona.’+ 13 Empa ’mokelli oa lekhetho o ne a emeletse hojana a bile a sa batle le ho sheba leholimong. O ile a bontša hore o soabile* a re: ‘Molimo, nkhauhele ’na moetsalibe.’+ 14 Kea le bolella, ho Molimo monna eo o ile hae e le motho ea lokileng ho feta Mofarisi eane.+ Hobane mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa empa mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”+
-