Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 7:21, 22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 hobane ka lipelong tsa batho+ ho hlaha menahano e fosahetseng e etsang hore ho be le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* bosholu, lipolao, 22 bofebe, meharo, bokhopo, bolotsana, boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe,* mona, lipuo tse mpe, boikhohomoso le ho hloka kelello.

  • Baefese 4:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Kaha ha ba sa na mekhoa ho hang, ba ineheletse boitšoaro bo bobe boo ba bo etsang ba sa soabe,*+ ba tloaetse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e litšila ka meharo.

  • 2 Petrose 2:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Hape ba tla etsa boitšoaro bo bobe ba sa soabe*+ ’me batho ba bangata ba tla ba etsisa. Tsela ea Molimo e tla buuoa hampe ka lebaka la bona.+

  • Juda 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Lebaka la ka la ho le ngolla ke hore batho ba itseng bao Mangolo a boletseng khale hore ba tla ahloloa, ba kene har’a lona ka sekhukhu. Ke batho ba sa rateng Molimo, ba fetolang mosa* oa Molimo oa rona lebaka la ho ikemela ka boitšoaro ba bona bo bobe boo ba bo etsang ba sa soabe.*+ Ha ba tšepahalle eo e leng eena feela mong’a rona le Morena oa rona, Jesu Kreste.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela