17 Lefu le ile la busa e le morena ka lebaka la motho a le mong.+ Empa re ka kholiseha le ho feta hore batho bao Molimo a tla ba bontša mosa le ho ba fa mpho ea ho loka+ ba tla busa e le marena+ ka lebaka la motho a le mong e leng Jesu Kreste.+
11 Ba bang ba lona le ne le le joalo empa le hloekisitsoe,+ le halalelitsoe+ hape le nkoa le lokile+ ka lebaka la lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rona.