-
2 Bakorinthe 11:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ke tšaba hore feela joalokaha noha e ile ea khelosa Eva,+ motho e mong a ka senya menahano ea lona ka ho etsa hore le se ke la hlola le latela Kreste ka pelo eohle le hore le se ke la hloeka hobane Kreste o lebeletse hore le hloeke.+ 4 Ke cho joalo hobane le mamela motho leha e le ofe ea le rutang lintho tse fapaneng le tseo re ileng ra le ruta tsona ka Jesu kapa ea etsang hore le nahane ka tsela e fapaneng le eo le neng le nahana ka eona pele kapa ea le bolellang litaba tse monate tse fapaneng le tseo le li amohetseng.+
-