-
Baroma 4:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Molimo o ile a mo laela hore a bolle e le letšoao.+ Lebollo leo e ne e le sesupo* sa hore o ne a lokile ka lebaka la tumelo eo a neng a e-na le eona pele a bolla. Ka lebaka leo, Abrahama e ile ea e-ba ntate oa bohle ba nang le tumelo+ le hoja ba sa bolla ’me Molimo le eena o ba nka ba lokile. 12 Hape e ile ea e-ba ntate oa ba bolotseng eseng ba bolotseng feela empa le ba latelang mohlala oa tumelo eo ntate oa rona Abrahama+ a e bontšitseng pele a bolla.
-