Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 12:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ea heno, ho ba leloko la hao le ntlong ea ntate oa hao, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.+ 2 Ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale ’me batho ba tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hao.+ 3 Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke bitsetse bomalimabe ba u bitsetsang bomalimabe.+ Malapa ’ohle a lefatšeng a tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hao.”+

  • Genese 12:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena.”+ Abrame a haha aletare sebakeng seo, moo Jehova Molimo a ileng a hlaha ho eena.

  • Genese 13:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ka mor’a hore Lota a arohane le Abrame, Jehova a re ho Abrame: “Ke kopa hore sebakeng seo u leng ho sona u shebe ka leboea, ka boroa, ka bochabela le ka bophirimela. 15 Naha eohle eo u e bonang ke tla e fa uena le bana* ba hao hore e be ea lona ka ho sa feleng.+

  • Genese 17:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ke tla tšepahalla selekane seo ke se entseng le uena,+ bana* ba hao le meloko eohle ea bona. E tla ba selekane sa ka ho sa feleng sa hore ke tla ba Molimo oa hao le oa bana* ba hao.

  • Genese 22:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 ke tla u hlohonolofatsa ’me ke etse hore bana* ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle+ ’me ngoana* oa hao o tla nka metse* ea lira tsa hae.+ 18 Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la ngoana* oa hao+ hobane u mametse lentsoe la ka.’”+

  • Genese 24:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova Molimo oa maholimo, ea ntlositseng ntlong ea Ntate le naheng ea heso,+ le ea buileng le ’na ’me a ntlhapanyetsa+ a re: ‘Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena,’+ o tla romela lengeloi la hae hore le u etelle pele+ ’me u tla nkela mora oa ka mosali moo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela