-
Baroma 16:25, 26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Molimo a ka le matlafatsa ka litaba tse monate tseo ke li bolelang le ka molaetsa o mabapi le Jesu Kreste. Litaba tsena tse monate li mabapi le lekunutu le halalelang+ leo Molimo a re tsebisitseng lona. Lekunutu leo le ne le patiloe ka lilemo tse ngata. 26 Empa re le bontšitsoe ra ba ra le tsebisoa ka boprofeta bo ka Mangolong. Molimo oa rona ea lulang a le teng o ile a laela hore molaetsa oo o tsebahatsoe lichabeng tsohle e le hore batho ba ka ba le tumelo ’me ba mo mamela.
-