-
Bakolose 1:25-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Ke bile mosebeletsi phuthehong ena ho latela boikarabelo+ boo Molimo a mphileng bona molemong oa lona. O nkhethile hore ke bolele lentsoe la hae ka botlalo 26 e leng lekunutu le halalelang+ le neng le patiloe ho tloha mehleng ea khale*+ le ho tloha melokong e fetileng. Empa hona joale le senoletsoe bahlanka ba hae.*+ 27 Molimo o tsebisitse lichaba tse ling lekunutu lena le halalelang le nang le maruo a mangata a khanyang.+ Lekunutu lena le halalelang ke Kreste ea momahaneng le lona e leng se bolelang hore le na le tšepo ea ho tlotlisoa le eena.+
-