-
2 Bathesalonika 1:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Ka lebaka leo, re lula re le rapella hore Molimo a le nke le tšoaneleha hore ebe o le khethile.*+ Hape re lula re rapella hore Molimo a etse lintho tsohle tse ntle tseo a batlang ho li etsa ka matla a hae le hore a atlehise lintho tsohle tseo le li etsang hobane le e-na le tumelo. 12 Re rapella lintho tsena tsohle e le hore lebitso la Morena oa rona Jesu le ka tlotlisoa ka lebaka la lona le hore le lona le tlotlisoe ka lebaka la hae. Sena se tla bontša hore Molimo oa rona le Morena Jesu Kreste ba mosa.
-