Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Bathesalonika 2:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ha e le tabeng ea ho ba teng ha Morena oa rona Jesu Kreste+ le ea ho bokelloa ha rona hore re be le eena,+ bana beso re etsa kopo ena: 2 Le se ke la lumella likelello tsa lona hore li ferekanngoe habonolo kapa la tšoenyeha ha motho e mong a le bolella hore letsatsi la Jehova*+ le se le fihlile. Le haeba motho eo a ka re molaetsa oo o tsoa ho Molimo*+ kapa a re o o balile lengolong leo a reng le ngotsoe ke rona, le se ke la tšoenyeha.

  • 2 Timothea 4:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ho na le nako eo ka eona batho ba ke keng ba mamela lithuto tsa ’nete.*+ Ba tla latela litakatso tsa bona, ba ipatlele mesuoe e tla ba bolella lintho tseo ba batlang ho li utloa.*+ 4 Ba tla tlohela ho mamela ’nete ebe ba mamela lipale tsa bohata.

  • 2 Petrose 2:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ho ile ha hlaha baprofeta ba bohata har’a batho ba Molimo. Ka tsela e tšoanang, ho tla boela ho hlahe batho ba rutang mashano har’a lona.+ Ba tla etsa hore ka lekunutu ho be le maquloana a tla senya tumelo ea lona ebile ba tla latola le mong’a bona ea ba rekileng.+ Ba tla felisoa kapele ka lebaka la ho etsa lintho tseo.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela