-
1 Timothea 3:2-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Molebeli o lokela ho phela ka tsela eo ho seng motho ea ka mo tšoaeang phoso, a be le mosali a le mong, a be le teka-tekano linthong tsohle tseo a li etsang, a be le kelello,+ a hlophisehe, a amohele baeti+ a be a khone ho ruta.+ 3 E se ke ea e-ba letahoa,+ a se ke a rata ntoa, a se ke a ba manganga,+ a se ke a rata ho pheha khang+ hape a se ke a rata chelete.+ 4 E be motho ea laolang lelapa la hae hantle, ea nang le bana ba mamelang le ba itšoereng hantle.+ 5 Etsoe motho a ka hlokomela phutheho ea Molimo joang empa a sitoa ho laola lelapa la hae? 6 E se ke ea e-ba motho eo e sa tsoa ba Mokreste+ esere a ikhohomosa eaba o fumana kahlolo e tšoanang le ea Diabolose. 7 Hape e lokela ho ba motho ea buuoang hantle ke batho bao e seng balumeli+ e le hore a se ke a tlotlolleha le ho oela lerabeng la Diabolose.
-