-
1 Timothea 1:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ha ke ne ke le mothating oa ho ea Macedonia, ke ile ka u khothaletsa ho lula Efese. Le hona joale ke u khothaletsa ho etsa joalo e le hore u ka khalemela ba bang moo hore ba se ke ba ruta lithuto lisele. 4 Hape u ba khalemele hore ba se ke ba mamela lipale tsa bohata+ le litaba tsa hore na maloko a latellana joang. Lintho tseo ha li na thuso+ ebile li etsa hore batho ba bue lintho tseo ba ke keng ba li paka. Ha ho na moo li kopanang teng le lintho tseo Molimo a re fang tsona tse re matlafatsang tumelo.
-
-
1 Timothea 6:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Haeba mang kapa mang a ruta thuto esele, a sa lumellane le thuto e nepahetseng*+ e tsoang ho Morena oa rona Jesu Kreste kapa thuto eo a e rutang e sa khothaletse batho ho sebeletsa Molimo ka botšepehi,+ 4 oa ikhohomosa ebile ha a utloisise letho.+ O rata* ho pheha khang le ho tseka mantsoe.+ Lintho tsena li etsa hore batho ba be mona, ba qabane, ba senye ba bang mabitso* le hore ba se ke ba tšepa batho ba bang. 5 Lintho tseo li etsa hore batho bana ba senyehileng likelello+ le ba seng ba sa utloisise ’nete ba lule ba phehile khang ka lintho tse sa reng letho. Ba batla ho sebeletsa Molimo hobane feela ba shebile ho fumana melemo e itseng.+
-