3 Moshe a tla eaba o bolella sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le melao+ eohle ea hae ’me sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Lintho tsohle tseo Jehova a li buileng re ikemiselitse ho li etsa.”+
8 Ke bua le eena joalokaha motho a bua le motho e mong,*+ ka tsela e hlakileng, eseng ka lilotho ’me o bona ponahalo ea Jehova. Joale ke hobane’ng ha le sa ka la tšaba ho bua mohlanka oa ka Moshe hampe?”
25 ho tloha mohla baholo-holo ba lona ba tsoang Egepeta ho fihlela letsatsing lena.+ Ke ile ka ’na ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ke ba romela letsatsi le leng le le leng, ka makhetlo-khetlo.*+