27 Hape, a nka senoelo se tšetseng veine, a leboha Molimo, a ba fa sona a re: “Nkang le noe kaofela ha lona+28 kaha veine ena e emela mali+ a ka e leng ‘mali a selekane,’+ a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata+ hore ba tšoareloe libe.+
25 O ile a etsa se tšoanang ka senoelo+ sa veine ka mor’a hore ba je lijo tsa shoalane eaba o re: “Veine ena e emela selekane se secha+ se tla tiisoa ka mali+ a ka a tla tšolloa molemong oa lona. Nako le nako ha le e noa, le ’ne le etse tjena ho nkhopola.”+
6 Empa Jesu eena o fumane mosebetsi o molemohali ho feta oa bona kaha o boetse ke ’muelli+ oa selekane se molemo le ho feta,+ se thehiloeng ka molao holim’a litšepiso tse ntle ho feta tsa pele.+
15 Ka lebaka leo, Kreste ke ’muelli selekaneng se secha.+ Ka lefu la hae o ile a lopolla batho ka ho lefella libe+ tseo ba li entseng selekaneng sa khale e le hore ba bitsitsoeng ba ka fumana tšepiso ea bophelo bo sa feleng.+