35 Phetetso ke ea ka le kotlo ke ea ka,+
Ka nako e behiloeng ha maoto a bona a thella+
Hobane letsatsi la koluoa ea bona le haufi
’Me se ba emetseng se tla tla ka potlako.’
36 Kaha Jehova o tla ahlola batho ba hae+
’Me o tla utloela bahlanka ba hae bohloko+
Ha a bona hore ha ba sa na matla
’Me ho setse feela ba hlokang thuso le ba fokolloang ke matla.