-
Numere 14:22, 23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Leha ho le joalo, ha ho na motho le ea mong ea boneng khanya ea ka le lipontšo tsa ka+ tseo ke li entseng Egepeta le lefeelleng ’me leha ho le joalo a ’na a nteka+ ka makhetlo ana a leshome ’me a sa ka a mamela lentsoe la ka+ 23 ea tla bona naha eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba bona hore ke tla ba fa eona. Ha ho le ea mong ea ntlhomphollang ea tla e bona.+
-
-
Pesaleme 95:7-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
Haeba le mamela lentsoe la hae kajeno,+
8 Le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona ha ba le Meriba,*+
Ba ile ba nteka le hoja ba bone mesebetsi ea ka.+
10 Ke ile ka nyonya moloko oo ka lilemo tse 40 eaba ke re:
“Ke sechaba se lulang se ntlhanohela ka lipelong tsa sona.
Ha se tsebe litsela tsa ka.”
11 Kahoo, ka ikana ke halefile ka re:
“Ba ke ke ba phomola le ’na.”+
-