31 hobane o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola+ lefatše ka toka a sebelisa monna eo a mo khethileng. O ile a tsosa monna eo bafung ’me ka ho etsa joalo a kholisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.”+
16 Lintho tsena li tla etsahala ha Molimo a ahlola batho a sebelisa Kreste Jesu.+ Lintho tsena tseo ke li buang ke karolo ea litaba tse monate tseo ke li phatlalatsang.