Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 19:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 U se ke oa etsetsa motho e mong bolotsana+ ’me u se ke oa tlatlapa.+ Ha oa lokela ho lula ka moputso oa mohiruoa bosiu bohle ho fihlela hoseng.+

  • Deuteronoma 24:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 U se ke oa etsetsa mosebeletsi ea futsanehileng bolotsana ebang ke e mong oa bana beno kapa ke molichaba ea naheng ea heno ka har’a metse* ea lona.+ 15 U mo fe moputso oa hae letsatsing lona leo,+ pele letsatsi le likela hobane ke mofutsana ebile o hloka moputso oo e le hore a ’ne a phele. Ho seng joalo, o tla llela ho Jehova ka lebaka la hao ’me u tla be u entse sebe.+

  • Jeremia 22:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ho malimabe ea hahang ntlo ea hae ka bolotsana,

      Ea hahang likamore tsa eona tse ka holimo empa e se ka toka,

      Ea etsang hore oa habo a mo sebeletse mahala,

      Ea hanang ho mo patala.+

  • Malakia 3:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Jehova oa mabotho o re: “Ke tla tla ke tl’o le ahlola ’me ka potlako ke tla ahlola baloi,+ bafebi, ba etsang likano tsa leshano,+ ba qhekellang motho ea hiriloeng,+ mohlolohali le khutsana*+ le ba hanang ho thusa* molichaba.+ Batho bana ha baa ka ba ntšaba.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela