-
1 Petrose 1:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Ke ka lebaka leo le thabileng le hoja ka nakoana le utloisoa bohloko ke liteko tse fapaneng hona joale. Empa hoa hlokahala hore le fete litekong tsena+ 7 e le hore tumelo ea lona e be matla le ho feta. Le hlaheloa ke lintho tsena e le hore ho bonahale hore na tumelo ea lona e matla hakae.+ Tumelo ena e bohlokoa ho feta khauta hobane le hoja khauta e ka mamella mollo, qetellong e ntse e ka senyeha. Empa ha le e-na le tumelo ena, le tla rorisoa, le hlomphuoe le ho fuoa tlotla mohla Jesu Kreste a bonahatsoang.+
-