7 Haeba e mong oa bana ba bo lona a futsaneha ho o mong oa metse ea lona naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona kapa la tima ngoan’abo lona oa mofutsana.+8 Le fane+ ’me le mo alime eng kapa eng eo a e hlokang kapa eo a se nang eona.
35 Ke ile ka lapa, la mpha lijo, ka nyoroa la mpha metsi. Ke ne ke le moeti eaba lea nkamohela.+36 Ha ke ne ke hlobotse* la mpha liaparo,+ ha ke kula la ntlhokomela, ha ke le teronkong la tl’o mpona.’+
4 Empa haeba mohlolohali ofe kapa ofe a e-na le bana kapa litloholo, bana bao ba bontše hore ba rata Molimo ka hore ba qale pele ba hlokomele malapa a habo bona.+ Ba buseletse batsoali ba bona le batsoali ba batsoali ba bona lintho tse ba tšoanetseng+ hobane ho etsa joalo ho thabisa Molimo.+
27 Mofuta oa borapeli o hloekileng ho Molimo Ntate oa rona ke ona: Ho hlokomela likhutsana+ le bahlolohali+ ha ba e-na le mathata+ le hore motho a se ke a silafatsoa ke tsela eo batho ba sa mameleng ba phelang ka eona.+
17 Haeba mang kapa mang a e-na le lintho tse lekaneng hore a ka iphelisa ’me a bona hore ngoan’abo oa hloka ebe ha a mo bontše mohau, na a ka re o rata Molimo?+