-
1 Timothea 5:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 U se ke oa halefela monna ea holileng+ empa u bue le eena hantle joalokaha eka ke ntate oa hao. U bue le bahlankana joalokaha eka ke bo-abuti ba hao le bana beno. 2 U bue le basali ba baholo joalokaha eka ke bo-’mè ba hao le basali ba bacha joalokaha eka ke likhaitseli tsa hao. U itšoare hantle ha u sebelisana le bona.
-