Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baefese 4:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Le apare botho bo bocha+ boo Molimo a bo entseng ho ea ka thato ea hae. Botho boo bo lokile ebile boa tšepahala.

  • Bakolose 3:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 le apare botho bo bocha+ boo Molimo a re thusang hore re be le bona ha re ntse re ithuta ka eena. Seo se tla etsa hore re be le makhabane a tšoanang le a hae.+

  • Bakolose 3:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Lona ba khethiloeng ke Molimo,+ ba halalelang le ba ratoang, e-bang le qenehelo,+ mosa, boikokobetso,+ bonolo+ le mamello.+

  • 1 Timothea 2:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Basali le bona ba ikhabise ka ho apara hantle* le ka tsela e bontšang hore baa itlhompha le hore ba na le kelello. Ba se ke ba ikhabisa ka ho loha meloho e feteletseng, ka khauta, liperela kapa liaparo tse turang haholo.+ 10 Ho e-na le hoo, ba ikhabise ka liketso tse lokileng e leng eona tsela ea ho ikhabisa e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba hlompha Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela