-
Genese 6:1-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Ha batho ba ntse ba eketseha lefatšeng ebile ba e-ba le barali, 2 bara ba Molimo oa ’nete*+ ba hlokomela hore barali ba batho ba batle. Ba inkela basali bao ba ba batlang. 3 Jehova a re: “Nke ke ka mamella batho ka ho sa feleng+ hobane ke baetsalibe.* Ka lebaka leo, ba tla phela lilemo tse 120.”+
4 Ho ne ho e-na le Banefilime* lefatšeng mehleng eo le ka mor’a moo. Ka nako eo, bara ba Molimo oa ’nete ba robala le barali ba batho ’me ba e-ba le bana le bona. Bana ba bona e ne e le banna ba matla, ba neng ba tumme mehleng eo ea khale.
-