Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:43
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 43 Thabang lona lichaba hammoho le batho ba hae+

      Hobane o tla pheteletsa mali a bahlanka ba hae,+

      O tla iphetetsa ho bahanyetsi ba hae,+

      O tla etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe* naheng ea batho ba hae.”

  • Baroma 12:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Baratuoa, le se ke la iphetetsa empa le lumelle Molimo hore a bontše khalefo ea hae.+ Mangolo a re: “Jehova* o re: ‘Phetetso ke ea ka, ke tla fana ka kotlo.’”+

  • Tšenolo 6:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ha Konyana e tlosa setempe sa bohlano, ka bona ka tlas’a aletare+ ho e-na le mali*+ a ba bolailoeng ka lebaka la ho mamela lentsoe la Molimo le ho le bolella batho ba bang.+ 10 Mali a bona a hoeletsa a re: “’Musi oa Lintho Tsohle, oa ’nete+ le ea halalelang, u tla ema ho fihlela neng pele u ahlola le ho iphetetsa ho batho ba re bolaileng ba phelang lefatšeng?”+

  • Tšenolo 19:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ka mor’a moo, ka utloa ntho e kang mantsoe a phahameng a batho ba bangata ba leholimong. Ba re: “Rorisang Jah!*+ Molimo oa rona oa pholosa, o na le matla ebile oa hlompheha. 2 O ahlola ka toka le ka botšepehi.+ O otlile letekatse le leholo le sentseng lefatše ka bohlola* ba lona. O iphetelitse ho lona hobane le bolaile bahlanka ba hae.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela