Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha Kakaretso ea Baahloli BAAHLOLI KAKARETSO EA BUKA 1 Lintoa tseo Juda le Simeone ba li hlotseng (1-20) Bajebuse ba ntse ba lula Jerusalema (21) Josefa o hapa Bethele (22-26) Bakanana ha baa lelekoa kaofela (27-36) 2 Temoso e tsoang ho lengeloi la Jehova (1-5) Joshua oa shoa (6-10) Ho ba le baahloli ho pholosa sechaba sa Iseraele (11-23) 3 Jehova o leka Baiseraele (1-6) Othniele ke moahloli oa pele (7-11) Moahloli Ehude o bolaea Morena Eglone e motenya (12-30) Moahloli Shamgare (31) 4 Jabine Morena oa Kanana o hatella Baiseraele (1-3) Moprofeta Debora le Moahloli Barake (4-16) Jaele o bolaea Sisera molaoli oa masole (17-24) 5 Pina ea tlholo ea Debora le Barake (1-31) Linaleli li loana le Sisera (20) Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola (21) Ba ratang Jehova ba joaloka letsatsi (31) 6 Bamidiane ba hatella Baiseraele (1-10) Lengeloi le kholisa Moahloli Gideone hore Molimo o tla mo tšehetsa (11-24) Gideone o liha aletare ea Baale (25-32) Molimo o fa Gideone moea oa hae o halalelang (33-35) Teko ea boea ba nku (36-40) 7 Gideone le banna ba 300 (1-8) Masole a Gideone a hlola Bamidiane (9-25) “Sabole ea Jehova le Gideone!” (20) Moferefere litenteng tsa Bamidiane (21, 22) 8 Baefraime ba phehisana khang le Gideone (1-3) Marena a Midiane aa lelekisoa ebile aa bolaoa (4-21) Gideone o hana ho ba morena (22-27) Pale ea bophelo ba Gideone (28-35) 9 Abimeleke e ba morena oa Shikeme (1-6) Papiso ea Jothame (7-21) Abimeleke o busa batho ka sehloho (22-33) Abimeleke o hlasela Shikeme (34-49) Mosali o lematsa Abimeleke ’me oa shoa (50-57) 10 Moahloli Tola le Moahloli Jaire (1-5) Baiseraele ba siteloa Molimo ebile baa baka (6-16) Baamone ba batla ho hlasela Baiseraele (17, 18) 11 Moahloli Jafeta oa lelekoa, hamorao o etsoa moeta-pele (1-11) Jafeta o bua le Baamone (12-28) Kano ea Jafeta le morali oa hae (29-40) Bophelo ba morali oa Jafeta ea neng a sa nyaloa (38-40) 12 Bagileade ba qabana le Baefraime (1-7) Teko ea Shibolethe (6) Baahloli Ibzane, Elone le Abdone (8-15) 13 Lengeloi le chakela Manooa le mosali oa hae (1-23) Samsone oa tsoaloa (24, 25) 14 Moahloli Samsone o batla mosali oa Mofilista (1-4) Samsone o bolaea tau ka thuso ea moea o halalelang oa Jehova (5-9) Samsone o etsa selotho lenyalong (10-19) Mosali oa Samsone o fuoa monna e mong (20) 15 Samsone o iphetetsa ho Bafilista (1-20) 16 Samsone o Gaza (1-3) Samsone le Delila (4-22) Samsone oa iphetetsa ’me oa shoa (23-31) 17 Litšoantšo tsa Mikea tse rapeloang le moprista oa hae (1-13) 18 Badane ba batla naha eo ba ka lulang ho eona (1-31) Ba nka litšoantšo tsa Mikea tse rapeloang le moprista oa hae (14-20) Motse oa Laishe oa haptjoa ’me o rehoa Dane (27-29) Borapeli ba litšoantšo Dane (30, 31) 19 Babenjamine ba molato oa ho beta ha ba le Gibea (1-30) 20 Babenjamine baa hlaseloa (1-48) 21 Leloko la Benjamine lea pholosoa (1-25)