Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 3 Johanne 1-14
  • 3 Johanne

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 3 Johanne
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
3 Johanne

La Boraro la Johanne

1 Monna e moholo,+ ho Gaiase, moratuoa, eo ke mo ratang kannete.+

2 Moratuoa,+ ke rapela hore u atlehe+ linthong tsohle ’me u be le bophelo bo botle,+ feela joalokaha moea oa hao o atleha.+ 3 Etsoe ke ile ka thaba haholo ha barab’eso ba tla ’me ba paka ’nete eo u nang le eona, feela joalokaha u tsoela pele ho tsamaea ’neteng.+ 4 Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.+

5 Moratuoa, u etsa mosebetsi o tšepahalang ho eng kapa eng eo u e etsetsang barab’abo rōna,+ le hona e le basele,+ 6 ba pakileng lerato la hao ka pel’a phutheho. Ka kōpo u ba tsamaise ka mokhoa o tšoanelang Molimo.+ 7 Etsoe ba ile ba tsoa ka lebaka la lebitso la hae ba sa nke letho+ le tsoang ho batho ba lichaba. 8 Ka hona, re tlamehile ho bontša batho ba joalo kamohelo ea baeti,+ e le hore re ka ba basebetsi-’moho ’neteng.+

9 Ke ile ka ngolla phutheho ho hong, empa Diotrefe, ea ratang ho ba le sebaka sa pele+ har’a bona, ha a amohele letho+ le tsoang ho rōna ka tlhompho.+ 10 Ke ka lebaka leo, haeba ke tla, ke tlang ho hopola mesebetsi ea hae eo a tsoelang pele ho e etsa,+ a bebera ka rōna ka mantsoe a khopo.+ Hape, a sa khotsofale ke lintho tsena, ha a amohele barab’abo rōna+ ka tlhompho, le ba batlang ho ba amohela+ o leka ho ba sitisa+ ’me o ba ntša+ ka phuthehong.

11 Moratuoa, e-ba moetsisi oa se molemo, eseng oa se sebe.+ Ea etsang se molemo o simoloha ho Molimo.+ Ea etsang se sebe ha a e-s’o bone Molimo.+ 12 Demetriase o pakiloe ke bona kaofela+ le ke ’nete. Ha e le hantle, le rōna, rea paka,+ ’me ua tseba hore bopaki boo re fanang ka bona ke ’nete.+

13 Ke ne ke e-na le lintho tse ngata tseo nka u ngollang tsona, empa leha ho le joalo ha ke lakatse ho tsoela pele ho u ngolla ka enke le pene.+ 14 Empa ke tšepa ho u bona kapele, ’me re tla bua lifahleho li talimane.+

E se eka u ka ba le khotso.+

Metsoalle e u romela litumeliso.+ Ntumelisetse+ metsoalle ka mabitso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela