Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Ruthe 1:1-4:22
  • Ruthe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruthe
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Ruthe

RUTHE

1 Mehleng ea baahloli,*+ ha e-ba le tlala Iseraele. Eaba monna e mong o tloha Bethlehema+ e Juda ’me o fallela naheng ea Moabe,+ eena le mosali oa hae le bara ba hae ba babeli. 2 Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke,* mosali oa hae e le Naomi* ’me bara ba hae e le Mahalone* le Kilione.* E ne e le Baefratha ba tsoang Bethlehema e Juda. Ba fihla naheng ea Moabe eaba ba lula teng.

3 Ka mor’a nako, Elimeleke monna oa Naomi a shoa ’me Naomi a sala le bara ba hae ba babeli. 4 Hamorao bara bao ba nyala basali ba Bamoabe. Lebitso la e mong e ne e le Orpa, la e mong e le Ruthe.+ Ba lula moo ka lilemo tse ka bang leshome. 5 Mahalone le Kilione le bona ba shoa eaba Naomi o sala a se na monna le bana. 6 A tloha naheng ea Moabe le lingoetsi tsa hae kaha o ne a utloile a le Moabe hore Jehova o hlokometse sechaba sa hae ka lijo.*

7 Naomi a tloha moo a neng a lula teng le lingoetsi tsa hae. Ha ba le tseleng ba khutlela naheng ea Juda, 8 a re ho lingoetsi tsa hae: “Tsamaeang, e mong le e mong a khutlele ntlong ea ’mè oa hae. E se eka Jehova a ka le bontša lerato*+ feela joalokaha le ile la nthata ’me la rata le banna ba lona ba seng ba hlokahetse. 9 E se eka Jehova a ka fa e mong le e mong oa lona molekane le lehae le sireletsehileng.”+ A ba suna eaba ba lla habohloko. 10 Ba ’na ba re ho eena: “Che, re tla ea le uena sechabeng sa heno.” 11 Empa Naomi a re: “Khutlang hle barali ba ka. Ke hobane’ng ha le batla ho tsamaea le ’na? Na ke sa tla khona ho ba le bara e le hore ba le nyale?+ 12 Khutlang barali ba ka. Tsamaeang kaha ke se ke tsofetse haholo hore nka nyaloa. Le haeba ke ne ke tšepile hore nka nyaloa bosiung bona ’me ka ba le bara, 13 na le ne le tla ba emela ho fihlela ba holile? Na le ne le tla lula le sa nyaloa hobane le ba emetse? Che barali ba ka, Jehova o ntahlile ’me ha ke nahana ka boemo ba lona, ke le utloela bohloko haholo.”+

14 Eaba ba boela ba lla habohloko. Ka mor’a moo, Orpa a suna matsale oa hae ’me a tsamaea. Empa Ruthe a hana ho tsamaea. 15 Kahoo, Naomi a re: “Orpa ngoetsi-’moho le uena o khutletse ho batho ba habo le ho melimo ea habo. Le uena khutla.”

16 Empa Ruthe a re: “U se ke oa mphehella hore ke u siee, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena kaha ke tla ea moo u eang teng ’me ke tla robala moo u robalang teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.+ 17 Ke tla shoela moo u shoelang teng ’me ke pateloe hona teng. E se eka Jehova a ka mpha kotlo e boima haeba re ka arohanngoa ke ntho leha e le efe ha e se lefu.”

18 Naomi a khaotsa ho kopa Ruthe hore a khutlele habo ha a bona hore o phehella ho tsamaea le eena. 19 Ba ’na ba tsamaea ho fihlela ba fihla Bethlehema.+ Eare hang ha ba fihla moo, ha e-ba le moferefere motseng oohle ’me basali ba ne ba re: “Na ke Naomi eo?” 20 Empa o ne a ba araba a re: “Le se ke la mpitsa Naomi.* Le mpe le mpitse Mara* kaha Ea Matla ’Ohle o ntšulafalelitse bophelo.+ 21 Ke ne ke e-na le lintho tsohle ha ke e-ea empa Jehova o entse hore ke khutle ke se na letho. Ke hobane’ng ha le mpitsa Naomi? Etsoe ke Jehova ea khahlanong le ’na, ruri Ea Matla ’Ohle o mpaketse tlokotsi.”+

22 Ena ke pale ea kamoo Naomi a khutlileng Moabe+ le Ruthe ngoetsi ea hae ea Momoabe. Ba fihlile Bethlehema ha ho ne ho kotuloa harese.+

2 Ho ne ho e-na le monna e mong ea neng a ruile haholo oa leloko la habo monna oa Naomi. Lebitso la hae e ne e le Boase+ ’me e ne e le e mong oa lelapa la habo Elimeleke.

2 Ruthe oa Momoabe a re ho Naomi: “Ke kopa ho ea masimong ke e’o thonaka harese+ e setseng ka mor’a mang kapa mang ea tla nkhauhela.” Kahoo, Naomi a re ho eena: “Tsamaea morali oa ka.” 3 A tsamaea ’me a iphumana a le tšimong ea Boase,+ eo e neng e le oa lelapa la habo Elimeleke.+ Eaba o qala ho thonaka harese ka mor’a bakotuli tšimong. 4 Ka eona nako eo, Boase a fihla a tsoa Bethlehema ’me a re ho bakotuli: “Jehova a be le lona.” Eaba ba re ho eena: “Jehova a u hlohonolofatse.”

5 Ka mor’a moo, Boase a botsa mohlankana ea neng a okametse bakotuli a re: “Ke morali oa mang eo?” 6 Mohlankana eo a araba a re: “Ngoanana enoa ke Momoabe+ ea khutlileng le Naomi naheng ea Moabe.+ 7 O ile a kopa ho thonaka+ le ho bokella harese* eo bakotuli ba e siileng ha ba ntse ba kotula. Haesale a sebetsa ho tloha hoseng ho fihlela hona joale. Ke hona a lulang fatše hore a phomole hanyane tlas’a moriti oa lephephe.”

8 Eaba Boase o re ho Ruthe: “Mamela morali oa ka. U se ke oa tloha ho ea thonaka tšimong e ’ngoe ’me u se ke oa ea sebakeng se seng. Empa u lule haufi le baroetsana ba ka.+ 9 U lule u shebile tšimo eo ba kotulang ho eona. Ke laetse bahlankana hore ba se ke ba u etsa letho. Ha u nyoriloe, u ee linkhong u noe metsi ao bahlankana ba a khileng.”

10 A khumama* ’me a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u le mosa hakaale ho ’na hape ke hobane’ng ha u ntsotella le hoja ke tsoa naheng e ’ngoe?”+ 11 Boase a re ho eena: “Ke boleletsoe lintho tsohle tseo u li etselitseng matsale oa hao ka mor’a lefu la monna oa hao. Ka boela ka utloa hore u ile oa siea ntate oa hao le ’mè oa hao le naha ea heno, oa tla bathong bao u sa ba tsebeng.+ 12 E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa ka sohle seo u se entseng+ ’me e se eka Jehova Molimo oa Iseraele, eo u tlileng ho tla batla tšireletso tlas’a mapheo a hae,+ a ka u putsa haholo.” 13 Eaba o re: “E se eka u ka nkhauhela hle moren’a ka. U ntšelisitse ebile u nkhothalitse* le hoja ke se e mong oa basebeletsi ba hao.”

14 Boase a re ho eena nakong ea lijo: “Atamela mona morali oa ka u je bohobe, u bo qopetse ka har’a vinika.” Kahoo, a lula fatše pel’a bakotuli. Eaba Boase o mo nelehetsa harese e halikiloeng ’me a ja, a khora a ba a salloa ke e ’ngoe. 15 Ha a ema ho ea thonaka harese,+ Boase a laela bahlankana ba hae a re: “E-reng a thonake le har’a e kotutsoeng* ’me le se ke la mo tšoenya.+ 16 Hape le etse bonnete ba hore le ntša harese e ’ngoe ho eo le seng le e bokeletse, le mo siele eona e le hore a tle a e thonake. Le se ke la mo thiba.”

17 A ’na a thonaka harese tšimong ho fihlela mantsiboea.+ Ha a pola seo a neng a se thonakile, ea e-ba harese e ka etsang lilithara tse 22.* 18 Joale a e nka ’me a kena motseng. Matsale oa hae a bona harese eo a neng a e thonakile. Ruthe a boela a mo fa lijo tseo a ileng a li siea+ hobane a khotše.

19 Eaba matsale oa hae o re ho eena: “U thonakile hokae kajeno? U sebelitse hokae? E se eka ea ileng a u hauhela a ka hlohonolofatsoa.”+ Kahoo, a bolella matsale oa hae ka motho eo a neng a thonakile harese tšimong ea hae a re: “Lebitso la monna eo ke thonakileng tšimong ea hae kajeno ke Boase.” 20 Eaba Naomi o re ho ngoetsi ea hae: “E se eka Jehova ea bontšang lerato* ho ba phelang le ho bafu a ka mo hlohonolofatsa.”+ Naomi a tsoela pele ho re: “Monna eo o amana le rona.+ Ke e mong oa balopolli+ ba rona.” 21 Ruthe mosali oa Momoabe a re: “O ile a boela a re ho ’na: ‘Lula haufi le bakotuli ba ka ho fihlela ba qetile kotulo eohle ea ka.’”+ 22 Naomi a re ho ngoetsi ea hae Ruthe: “Morali oa ka, ho molemo hore u tsamaee le baroetsana ba hae, ho e-na le ho ea tšimong e ’ngoe moo batho ba tla u tšoenya.”

23 Kahoo, a sala baroetsana ba Boase morao a ntse a thonaka harese+ le koro ho fihlela kotulo e fela. A ’na a lula le matsale oa hae.+

3 Naomi e leng matsale oa hae a re ho eena: “Morali oa ka, ke lokela ho u batlela lehae+ e le hore lintho li ka u tsamaela hantle. 2 Na Boase ha se e mong oa leloko la rona?+ Ke eena eo u neng u e-na le baroetsana ba hae. Mantsiboeeng ana o olosa harese seotlong.* 3 Kahoo, u hlape ’me u itlotse ka oli e nkhang hamonate. U apare liaparo tse ntle* ’me u theohele seotlong. U etse hore monna eo a se ke a u bona ho fihlela a qetile ho ja le ho noa. 4 Ha a robala, u mo shebe hore na o robala hokae ’me u ee u koaholle maoto a hae ebe oa robala. O tla u bolella hore na u lokela ho etsa’ng.”

5 Eaba o re ho eena: “Ke tla etsa sohle seo u reng ke se etse.” 6 A theohela seotlong ’me a etsa sohle seo matsale oa hae a neng a mo laetse sona. 7 Ka nako eo, Boase a ja ’me a noa eaba o ikutloa a thabile. A e’o robala qetellong ea qubu ea harese. Ka mor’a moo, Ruthe a tla a thotse, a koaholla maoto a Boase ’me a robala pel’a ’ona. 8 Har’a mpa ea bosiu monna eo a qala ho thothomela, eare ha a sheba maotong, a bona mosali a robetse maotong a hae. 9 A re ho eena: “U mang?” Eaba o re: “Ke ’na Ruthe, mosebeletsi oa hao. Apesa mosebeletsi oa hao seaparo sa hao kaha u molopolli.”+ 10 Eaba o re: “E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa morali oa ka. U bontšitse lerato* haholo lekhetlong lena ho feta lekhetlong la pele+ ka ho se sale bahlankana morao, ebang ke ba futsanehileng kapa ba ruileng. 11 Morali oa ka, u se ke oa tšaba. Ke tla u etsetsa sohle seo u se bolelang+ kaha e mong le e mong ea motseng* oa tseba hore u mosali ea khabane ka ho fetisisa. 12 Ke ’nete hore ke molopolli+ empa ho na le molopolli ea amanang le lona ho mpheta.+ 13 Lula mona bosiung bona ’me hoseng haeba o tla u lopolla, ho tla be ho lokile. A ke a etse joalo.+ Empa haeba a sa batle, ke u tiisetsa ka Jehova Molimo ea phelang hore ke tla u lopolla. Robala mona ho fihlela hoseng.”

14 A robala maotong a hae ho fihlela hoseng. A tsoha pele ho ka khanya e le hore batho ba se ke ba mo bona. Boase a re: “Ho se ke ha tsebahala hore mosali o ne a tlile seotlong.” 15 A boela a re: “Tlisa seaparo sa hao sa ka holimo seo u se apereng ’me u se phutholle.” Kahoo, a se phutholla eaba Boase o tšela libaskete tse tšeletseng* tsa harese ’me o mo fa tsona. Ka mor’a moo, Boase a ea motseng.

16 Ruthe a tsamaea a ea ho matsale oa hae, eo joale a ileng a re: “U tsamaile joang* morali oa ka?” Eaba Ruthe o mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo monna eo a mo etselitseng eona. 17 A boela a re: “O mphile litekanyo tsena tse tšeletseng tsa harese ’me a re ho ’na, ‘U se ke oa ea ho matsale oa hao u sa nka letho.’” 18 Eaba Naomi o re: “Lula mona morali oa ka, ho fihlela u utloa hore na taba eo e tla fella joang kaha monna eo a ke ke a phomola ho fihlela a lokisitse taba ena kajeno.”

4 Boase a nyolohela keiting ea motse+ ’me a lula moo. Molopolli eo Boase a neng a buile ka eena+ a feta ka tsela. Boase a re: “ ’Nyeo, tloo u lule mona.” A ea ’me a lula fatše. 2 Ka mor’a moo, Boase a nka banna ba leshome ho banna ba baholo ba motse+ a re: “Lulang mona.” Kahoo ba lula.

3 Boase a re ho molopolli:+ “Naomi ea khutlileng naheng ea Moabe,+ o lokela ho rekisa tšimo eo e neng e le ea ngoan’abo rona Elimeleke.+ 4 Kahoo, ke ile ka nahana hore ke lokela ho u tsebisa sena ka hore ke re ho uena: ‘Reka tšimo eo ka pel’a baahi le banna ba baholo ba batho ba heso.+ Haeba u tla e lopolla, etsa joalo. Empa haeba u ke ke oa e lopolla, mpolelle e le hore nka tseba kaha ke uena ea ka e lopollang ’me ’na kea u hlahlama.’” Eaba molopolli o re: “Ke ikemiselitse ho e lopolla.”+ 5 Boase a re: “Letsatsing leo ka lona u rekang tšimo ho Naomi, u boetse u lokela ho e reka ho Ruthe mohlolohali oa Momoabe e le hore lefa la monna ea shoeleng le ka khutlisetsoa lebitsong la hae.”+ 6 Eaba molopolli o re: “Ha ke khone ho itopollela eona hobane nka tloha ka senya lefa la ka. Itopollele eona ka tokelo ea ka ea ho lopolla kaha ha ke khone ho e lopolla.”

7 Ena e ne e le tloaelo ea mehleng ea pele Iseraele malebana le tokelo ea ho lopolla le ea phapanyetsano, e le ho tiisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e rekisetsanang: Monna o ne a lokela ho rola seeta* sa hae+ ’me a se fe e mong. Baiseraele ba ne ba tiisa litumellano tsa bona ka tsela ena. 8 Kahoo, molopolli a re ho Boase: “Ithekele eona” eaba o rola seeta* sa hae. 9 Boase a re ho banna ba baholo le batho bohle: “Kajeno le lipaki+ tsa hore ke reka lintho tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke le tsohle tseo e neng e le tsa Kilione le Mahalone ho Naomi. 10 Ke nka le Ruthe mosali oa Momoabe, mosali oa Mahalone hore e be mosali oa ka ho khutlisetsa lefa la monna ea shoeleng lebitsong la hae+ e le hore lebitso la monna ea shoeleng le se ke la felisoa har’a bana babo le keiting ea motse oa habo. Kajeno le lipaki tsa sena.”+

11 Eaba batho bohle ba neng ba le keiting ea motse le banna ba baholo ba re: “Re lipaki! E se eka Jehova a ka lumella mosali ea kenang ka tlung ea hao ho ba joaloka Ragele le joaloka Lea, bao ka bobeli ba hahileng ntlo ea Iseraele.+ E se eka u ka atleha Efratha+ le ho etsa lebitso* le letle Bethlehema.+ 12 E se eka ntlo ea hao e ka ba joaloka ntlo ea Pereze,+ eo Tamare a ileng a mo tsoalla Juda, ka bana bao Jehova a tla u fa bona ka mosali enoa e mocha.”+

13 Kahoo, Boase a nka Ruthe ’me ea e-ba mosali oa hae. A robala le eena eaba Jehova o mo lumella hore a ime eaba o tsoala mora. 14 Joale basali ba re ho Naomi: “Ho bokoe Jehova ea sa etsang hore u sale u se na molopolli kajeno. E se eka lebitso la hae le ka phatlalatsoa Iseraele! 15 O* tsosolositse bophelo* ba hao ebile o tla u hlokomela botsofaling ba hao hobane o tsoetsoe ke ngoetsi ea hao e u ratang+ le e molemo ho uena ho feta bara ba supileng.” 16 Naomi a nka ngoana eaba o mo beha sefubeng sa hae ’me a mo hlokomela.* 17 Basali ba baahelani ba mo reha lebitso. Ba re: “Naomi o tsoaletsoe mora” eaba ba mo reha Obede.+ Ke eena ntate oa Jese,+ ntate oa Davida.

18 Lena ke leloko* la Pereze:+ Pereze a tsoala Hezrone,+ 19 Hezrone a tsoala Rame, Rame a tsoala Aminadabe,+ 20 Aminadabe+ a tsoala Nashone, Nashone a tsoala Salmone, 21 Salmone a tsoala Boase, Boase a tsoala Obede, 22 Obede a tsoala Jese,+ Jese a tsoala Davida.+

Kapa: “ha baahloli ba ne ba ahlola ka toka.”

E bolelang “Molimo oa ka ke Morena.”

E bolelang “Ea Nthabisang.”

Ho ka etsahala hore ka Seheberu e bolela “ho fokola kapa ho kula.”

E bolelang “Ea Hlolehang; Ea Shoang.”

Ka Seheberu: “bohobe.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Ea Nthabisang.”

E bolelang “Bosula.”

Kapa mohlomong: “mangata a harese.”

A thetsitse fatše ka hlooho.

Ka Seheberu: “u buile le pelo ea ka.”

Kapa mohlomong: “mangata a harese.”

Ka Seheberu: “efa e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Moo ho poleloang le ho olosetsoa teng.

Kapa: “U apare liaparo tsa hao tsa ka holimo.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “e mong le e mong ea keiting ea batho ba heso.”

Ho ka etsahala hore e ne e le litekanyo tse tšeletseng tsa seah kapa lilithara tse 44. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “U mang?”

Ka Seheberu: “moqathatso.”

Ka Seheberu: “moqathatso.”

Ka Seheberu: “phatlalatsa lebitso.”

Ke setloholo sa Naomi.

Kapa: “moea.”

Kapa: “ea e-ba mohlokomeli oa hae.”

Ka Seheberu: “ena ke meloko ea.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela