Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 3 Johanne 1-14
  • 3 Johanne

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 3 Johanne
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
3 Johanne

LENGOLO LA BORARO LA JOHANNE

1 ’Na monna e moholo,* ke ngolla Gaiase eo ke mo ratang ka pelo eohle ea ka.

2 Ngoan’eso eo ke mo ratang, ke rapella hore u atlehe linthong tsohle ’me u be le bophelo bo botle joalokaha u se u ntse u atleha hona joale. 3 Ke ile ka thaba haholo ha bana ba bo rona ba tla ’me ba mpolella hore u ntse u tšepahalla ’nete. Ke thabetse hore ebe u ntse u tsoela pele u phelela ’nete.*+ 4 Ha ho na ntho e nthabisang* ho feta ho tseba hore bana ba ka ba ntse ba tsoela pele ho phelela ’nete.+

5 Ngoan’eso eo ke mo ratang, oa bontša hore oa tšepahala ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsetsang bana ba bo rona ba bang le hoja u sa ba tsebe le ho ba tseba.+ 6 Ba boleletse phutheho kamoo u leng lerato kateng. Ha ba tsamaea, ke kopa u etse sohle seo u ka se khonang hore u ba thuse* ka tsela e tla thabisa Molimo.+ 7 Ba ile ba ruta batho ba bang ka lebitso la Molimo ba bile ba sa lebella letho+ ho batho ba lichaba. 8 Kahoo, re tlamehile ho ba amohela+ e le hore re sebetse ’moho bakeng sa ho tšehetsa ’nete.+

9 Ke ngoletse phutheho lengolo empa Diotrefe ea ratang ho iketelletsa pele+ ha a amohele letho le tsoang ho rona ka tlhompho.+ 10 Ke ka lebaka leo haeba ke tla, ke tla etsa hore batho ba tsebe lintho tse mpe tseo a li buang ka rona.*+ Ka holim’a tsohle, o hana ho amohela bana ba bo rona+ ka tlhompho ’me batho ba ba amohelang, o leka ho ba thibela le ho ba leleka ka phuthehong.

11 Ngoan’eso eo ke mo ratang, u se ke oa etsisa mehlala ea batho ba etsang lintho tse mpe empa u etsise ea ba etsang lintho tse ntle.+ Ea etsang lintho tse ntle o tsoa ho Molimo.+ Ea etsang lintho tse mpe ha a e-s’o bone Molimo.+ 12 Demetriase o buuoa hantle ke bana ba bo rona bohle ’me le tsela eo a phelang ka eona ea tiisa hore o phela tumellanong le ’nete. Le rona re mo bua hantle ’me oa tseba hore re lula re bua ’nete.

13 Ho na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho u bolella tsona empa ha ke batle ho li ngola. 14 Leha ho le joalo, ke tšepa hore ke tla u bona haufinyane ’me re bue re shebane.

E se eka u ka ba le khotso.

Bana ba bo rona ba mona ba re u lumele. Le uena u ntumelisetse ngoana e mong le e mong oeso ea moo.

Kapa: “’Na moholo.”

Ka Segerike: “tsamaea ’neteng.”

Kapa mohlomong: “ntho e etsang hore ke batle ho leboha.”

Mohlomong ho ne ho akarelletsa ho ba fa lintho tseo ba li hlokang bakeng sa leeto.

Ka Segerike: “hore o re etselletsa ka lintho tse mpe.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela