Ho Tsamaea ho Tšoara ho Matha
“Ho tsamaea . . . ho fumana botumo ka baka la matla a hona a sibolotsoeng bocha . . . a fanang ka bophelo.” Ho boletse bukana Walking for Exercise and Pleasure, ea Lekhotla la United States mabapi le ’Mele o Shahlileng le Lipapali.
Lethathamo la melemo ea ’mele le hatisa se polelong ena. Melemo e meng ke ena: ho hema moea o mongata o hloekileng kamor’a ho sebelisa ’mele ka matla, ho otla ho fokotsehileng ha pelo, ho fokotseha ha khatello ea mali, le matla a eketsehileng a pelo le matšoafo. Sena ha se finyelloe ka ho ikotlolla maoto feela, kamoo ho boletseng bukana ena, empa ka ho tsamaea ka “matla hore pelo e otle kapele le ho etsa hore u heme ka botebo.”
Ka ho makatsang, ho tsamaea ka matla ho sebelisa lik’helori tse ngata ho feta ho matha. Ha liithuti tse phetseng hantle tse 24 li ne li hlahlojoa ho bona hore na li sebelisa matla a makae ha li tsamaea, le ha li matha, tlhahlobo e senotse hore “haeba li matha k’hilomithara tse 1,6 ka metsotso e 8 1/2 li tla sebelisa feela lik’helori tse 26 ho feta haeba li ne li ka tsamaea k’hilomithara tse 1,6 ka metsotso e 12.” Ho tsamaea lik’hilomithara tse 8 ka hora ho ka etsa hore motho a sebelise lik’helori tse 124 bakeng sa k’hilomithara tse 1,6, athe ho matha lik’hilomethara tse 9,5 ka hora ho tla etsa hore a sebelise lik’helori tse 40 feela.
Melemo e meng e akaretsoang ke ho tsamaea: Ha ho hlokahale hore ho sebelisoe chelete bakeng sa thepa e khethehileng (ho bolokela lieta), le lintho tse ling tse hlokahalang e sa le pele, ho tsamaea ha ho na kotsi. U ka lumellana le lepetjo la bukana ena: “Mokhoa o sa Potlakang, o Kholisehileng oa ho Lula u Phetse Hantle.”