Leqephe la Bobeli
Batho ba bang, joalokaha litšoantšo tsena li bontša, ba na le tumelo e matla, e ba susumeletsang ho ba teng kamehla borapeling ba Bokreste le mosebetsing. Ba sebetsa hammoho ho haha ka potlako libaka tsa ho kopanela tse hlokahalang haholo. Leha ho le joalo, batho ba bang ba lumela ho phela ntle ho boemo ba moea.
Le hoja lihlooho tse latelang li bua haholo-holo ka Kereke ea Luthere e Jeremane, maemo a tla lumeloa habonolo ke baemeli ba bangata ba Boprotestanta likarolong tse ngata tsa lefatše. Boikemisetso ba rōna ho hatisa boitsebiso bona ke ho thusa batho ba malumeli ’ohle ho hlahloba bomoea ba bona hore ba finyelle kamano ea bohlokoa le Molimo.