Leqephe la Bobeli
Botle, lintho tse ngata tse fapaneng, le bohlale pōpong li etsa hore batho ba bangata ba lumele hore ho tlameha ho be le ’Mōpi ea bohlale. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba thatafalloa ho lumela hore Molimo o teng ka baka la matšoenyeho le bobe lefatšeng. Haeba ‘Molimo o lerato,’ ke hobane’ng ha o lumella lintho tse ngata tse mpe hakaale ho hlahela batho ba molemo? Na ho na le mabaka a tiileng ao Molimo o lumelletseng bobe ka oona? Na ho na le lebaka la ho lumela hore bobe bo tla felisoa haufinyane?