Borokho ba Golden Gate—Bo Lilemo li 50
BA BANG ba ne ba nahana hore ke tšisinyeho ea lefatše! Empa che, e ne e le matla a moea le boima le motsamao oa batho ba lekanyetsoang ho 250 000 ba neng ba subuhlellane tseleng ea Borokho ba Golden Gate, San Francisco bakeng sa mokete oa borokho bona bo emeng lilemo tse 50 ka la 24 Motšeanong, 1987. Ba 500 000 ba ile ba subuhlellana. borokhong. Litsebi tsa boenjineri ka potlako tsa lekanyetsa hore borokho bo ka tseba ho jara boimo boo.
Ka lebaka la boholo ba sebaka sa limithara tse 1 280, borokho ba Golden Gate ebile bo bolelele ka ho fetisisa lefatšeng bo tšehelitsoeng ka likhoele tsa tšepe bo phethiloeng ka 1937. Likepe tse phahameng haholo lefatšeng li tseba ho feta tlas’a borokho bona bo phahameng ka mekato e 19 kaholim’a metsi ntle ho kotsi.
Literata tse tenya tse bolelele ba lik’hilomethara tse 128 720 li tšehelitse borokho bona. Terata ka ’ngoe e botenya ba limithara tse 0,9 ’me e bolelele ba limithara tse 2 333, ’me bo na le matla a lekanyetsoang ho boima ba lik’hilograma tse limillione tse 90.
Ka lebaka la mokhoa o babatsehang oo bo hahiloeng ka oona le ho hlokomeloa, ho lekanyetsoa hore borokho boo bo tla tšoarella lilemo tse 200.