Ho Hlōla Bothata ba Morabe
Isaac Langa moahi oa Afrika Boroa o hōletse motseng oa bolulo oa ba batšo Alexandra, Johannesburg. O ne a e-na le moea o matla oa bochaba, a hloile ba basoeu ’me a talima sechaba sa Mazulu se phahametse lichaba tsohle tsa ba batšo. O ne a ba teng libokeng tse lokiselitsoeng ke ANC (African National Congress), mokhatlo o kunutang ’muso ebile o thibetsoe, Isaac o kentse letsoho merusung e bileng teng Afrika Boroa ka 1978. oa hopola: “Ba bangata ba bolailoe ke ho thunngoa ke mapolesa; ba bang ba holofalitsoe bophelo bohle ba bona. Ha ke bona sena sohle, ka hōlisa moea oa boiphetetso. Ke ne ke batla ho iphumanela sethunya hore ke bolaee ba bangata kamoo nka khonang pele ke bolaoa. Ho hlōleheng ho se fumana, ka etsa qeto ea ho latela mohlala oa ba tsoileng ka sekhukhu ho ea linaheng tsa boahisani ka morero oa ho koetlisetsoa bosole.”
Nakong eo e mahlonoko Isaac a kopana le Lipaki tsa Jehova li le boboleling ba tsona ba ntlo le ntlo. Tsa mo siela libuka tse hlalosang molaetsa oa Bibele, e ’ngoe ea tsona e ne e le Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe?, ’me ea hapa thahasello ea hae. O’a hlalosa: “Joale ke fumane khotso ea ’nete eo ke neng ke e batla. Ka ithuta hore Bibele e re: ‘Se sothehileng se ke ke sa otlolloa,’ le:‘Hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.’(Moeklesia 1:15, NW; Jeremia 10:23) Joale ka hlakeloa hore ntoa ea rōna ke lefeela hobane e ne e sa tl’o tlisa khotso lefatšeng. Ke ’Muso oa Molimo feela o tla etsa joalo. (Tšenolo 11:17, 18) Bibele e boetse e nthusitse ho fetoleng pono ea ka ka merabe e meng. (Liketso 10:34, 35) Ke ho futhumatsang pelo ho tseba hore batho ba merabe eohle le lichaba be se ba ntse ba phela ba e-na le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise tlas’a ’Muso oa Molimo.”
Hona joale Isaac o sebeletsa e le ’moleli ea tsamaeang oa nako e tletseng, o matlafatsa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse entsoeng ka batho ba lichaba tse ngata tse fapaneng.