Leqephe la Bobeli
Ho bonahala moloko o mong le o mong o hlahisitse boprofeta ba oona ka seo bofelo bo atamelang ba lefatše bo se bolelang.
Joale, na sena se bolela hore ha ho motheo polelong eo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa e phatlalatsa ho tloha ka 1914—ho fela ha tsamaiso ena ea lefatše le ho tla ha tsamaiso e ncha e tla fetolela lefatše paradeiseng? Na ena ke tlhaloso e fosahetseng? Ka lehlakoreng le leng, haeba Lipaki tsa Jehova li nepile, sena se tla u ama joang? Likarabelo lipotsong tsena li bohlokoa ho rōna bohle, haholo-holo hona joale ha re phela nakong e ikhethang ea histori, mehla ea nuclear, moo motho ka lekhetlo la pele a ka buang tjena, “ho ka ’na ha se be le bana kapa litloholo.”