Letsoho—‘Setho se Sebetsang ka ho Hlollang’
EBILE kotsi ea tšohanyetso. Ngoanana o robetse monyako oa sepetlele, mothapo oa mali oa leoto la hae le letona o khaohile kotsing ea sethuthuthu. Ho ne ho se lisebelisoa tsa ho buoa haufinyana ho thibela mali ho tsoa leqebeng. Ke eng seo ngaka e neng e ka se etsa?
Moprofesara Napier bukeng ea hae Hands oa hopola, “Ke ile ka sebelisa letsoho la ka joaloka clamp, ka penya mothapo ka monoana o motona le o supang ka matla kamoo ke neng nka khona kateng. Qetellong ke ile ka fumana mohala o monyenyane, e leng eona feela ntho e neng e le haufi ka nako eo, ka o potisa mothapong ’me ka o tlama. Mali a ile a emisa ho tsoa.... E ne e le letsoho feela le neng le ka sebetsana le boemo boo ba tšohanyetso ka katleho. Bakuli ba seng bakae . . . ba lemoha kamoo monoana o beiloeng sebakeng se nepahetseng nakong ea ho buoa o bolokileng bophelo ba bona.” Liketso tse kang tsena li ne li ke ke tsa etsahala haeba e ne e se ka lenonyeletso la monoana o motona. (Bona setšoantšo.) Tsela eo lenonyeletso lena le entsoeng ka eona e lumella hoo e ka bang boitšisinyo bo bong le bo bong joaloka lenonyeletso la lehetla empa ho fapana le lona, lenonyeletso la monoana o motona ha lea tšehetsoa ke mesifa e le potolohileng. Ka baka leo, monoana o motona o ka etsa liketso tse hlollang ha o kopana le lintlha tsa menoana e meng.
Leka ho phahamisa ntho e nyenyane kapa ho phetla leqephe la makasine ona ntle le ho sebelisa monoana oa hao o motona. Ngaka ea Afrika Boroa e boletse: “Ke ile ka phekola bakuli ba bangata ba neng ba tsoile kotsi monoaneng o motona ka hore ke o tlamelle lithutsoaneng tse o tšehetsang ho fihla o fola ’me kamehla ha bakuli ba ne ba khutla, ba ne ba mpolella kamoo ba neng ba sa hlokomele hore ba hloka monoana o motona.”
Letsoho la motho ka monoana oa lona o tsebang ho shebana hantle le e meng ke sesebelisoa se tsebang ho etsa mesebetsi e mengata ka tsela e makatsang. Ka ntle ho letsoho, ke joang u neng u tla ngola lengolo, ua nka setšoantšo, ua kokotela sepekere, ua sebelisa thelefono, kapa ho kenya khareng naleteng? Ka baka la letsoho, baletsi ba piano ba letsa ’mino o monate, litšoantši li ferefa litšoantšo tse ntle, ’me lingaka li etsa mosebetsi o motle oa ho buoa. “Litšoene li na le monoana o motona le o mokhutšoane le o mong o molelele, empa ke lihole ha ho tluoa tšebelisong ea matsoho,” ho bolela The New Encyclopædia Britannica.
Ho na le phapang e ’ngoe ea bohlokoa pakeng tsa matsoho a motho le a tšoene. Hoo e kang kotara ea methapo ea boko ba motho e sebetsana le mesifa ea matsoho. Methapo ea boko ba motho, ho hlalosa Textbook of Medical Physiology ea Moprofesara Guyton, “e fapane ho hang le ea liphoofolo tse tlasana” ’me e nolofatsa “tsebo e khethehileng ea ho sebelisa letsoho, menoana, le monoana o motona ho etsa mosebetsi o motle haholo oa matsoho.”
Ho phaella moo, liithuti tsa methapo ea boko li sibolotse sebaka se seng sa boko ba motho seo li se bitsang “karolo ea tsebo ea matsoho.” Matsoho a koetlisitsoeng hantle a hloka lisele tse amohelang melaetsa. Libaka tse nyenyane tse qetellong ea methapo ea boko li ngata haholo letsohong la motho, haholo-holo monoaneng o motona. Ngaka eo Tsoha! e buisaneng le eona e boletse: “Ha batho ba lahleheloa ke kutlo e nyenyane qetellong ea monoana oa bona o motona, ba thatafalloa ke ho kenya lintho tse nyenyane tse kang sekurufu lesobeng la sona.” Matsoho a hao a na le mofuta o mong oa lisele tse amohelang molaetsa tse u nolofaletsang ho isa letsoho la hao sebakeng se nepahetseng ekasita le lefifing le letšo. Kahoo, ha u robetse betheng bosiu, u ka ngoaea nko ea hao ntle le ho ikotla sefahleho.
Esita le ketso e bonolo ea ho phahamisa galase ea metsi ke ntho e ka tsotoang. Haeba tsela eo u e tšoarang ka eona e fokola haholo, u ka ’na ua e liha. Haeba tsela eo u e tšoarang ka eona e le matla haholo, u ka e thuha, ’me ea u seha menoana. Ke joang u tsebang ho e tšoara ka khatello e nepahetseng? Lisele tse letsohong la hao li romela melaetsa bokong, bo romelang litaelo tse nepahetseng mesifeng e letsohong la hao le otlolohileng.
Kapelenyana, ka ntle le hore u shebe, galase e lula hantle lipounameng tsa hao. Khabareng, tlhokomelo ea hao e ka lebisoa lenaneong la thelevishene kapa moqoqong le metsoalle. “’Nete ea hore u phahamiselitse galase lipounameng tsa hao empa e sa thula sefahleho,” ho bolela ngaka Miller bukeng ea hae The Body in Question, “ke pontšo ea tsebo e ntle ea ho lekanya ea letsoho le otlolohileng. ’Me ’nete ea hore galase e salla molomong ha boima ba eona bo fokotseha ka baka la ho fela ha seno e bontša kamoo molaetsa o bolokoang o le nakong kateng.”
Ha ho pelaelo hore letsoho la motho le entse hore batho ba nahanang ba tsote! “Ka ntle ho bopaki leha e le bofe,” ho ngotse ramahlale ea tsebahalang, Sir Isaac Newton, “monoana o motona feela o ne o tla nkholisa ka ho ba teng ha Molimo.” “Re ka romela batho khoeling,” ho bolela Moprofesara Napier, “empa, ka tsebo ea rōna ea mechine le motlakase, re ke ke ra hlahisa monoana oa maiketsetso o supang o ka utloang le ho bitsa.” Letsoho la motho, ho ka etsahala hore ke “setho se hlollang” le se “mo khethollang ho liphoofolo tse ling tsohle tse phelang,” ho bolela The New Encyclopædia Britannica.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Lenonyeletso la monoana o motona le ikhethile ha le bapisoa le manonyeletso a menoana e meng
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Letsoho la motho ka monoana oa lona o motona o tsebang ho shebana hantle le e meng ke sesebelisoa se tsebang ho etsa mesebetsi e mengata ka tsela e makatsang
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lisele tse amohelang melaetsa tse letsohong la hao li nolofaletsa boko ba hao ho hlophisa liketso tse boima