Ponahalo ea Lebone le Phatsimang Leholimong
Mabone a makatsang a leboea (aurora horealis; Karolong e ka Boroa ea Lefatše, aurora australis) e sala e le se seng sa liphiri tsa leholimo. Ho ’nile ha fanoa ka likhopolo tse ngata mabapi le ho hlalosa ponahalo ea ’ona.
Hona joale ho bonahala khopolo e le hore mabone a bonahala ha “liathomo tse nang le motlakase ho tsoa letsatsing li otla karolo e ka holim’a sepakapaka haufi le lintlha tsa lefatše tse nang le makenete.” Hangata ’mala o mofubelu kapa o mosehla bo botala ke oona o atisang ho bonoa, empa o mofubelu, esita le karolo e lerootho ea ’mala o mosehla, le o motala li ile tsa hlokomeloa.
Le hoja mebala ena e bonahala joaloka maqhubu kapa malente a khanyang, khanya e ’ngoe e ne e tšoana le selikalikoe se seholo moo khanya e tsoang ntlheng e le ’ngoe ka ho tobileng kaholim’a bashebelli esita le katlaase ho ea moo ho bonahalang e ka lefatše le leholimo li kopana teng.
Khanya ena e phatsimang e re hopotsa mantsoe a Davida ha a re: “Jehova, mesebetsi ea hao e makatsa hakakang! U e entse kaofela ka bohlale. Lefatše le tletse matlotlo a hao.”—Pesaleme ea 104:24.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 31]
Foto ka Lee Snyder, Geophysical Institute, Univesithi ea Alaska—Fairbanks