Na Bana ba Kotsing?
KE BOITSEBISO bo bongata hakae boo ngoana a bo thonakang liphatlalatsong tsa khoebo tsa thelevishene? Bo bongata haholo, ho ea ka ngaka ea mafu a bana Dr. Percy Barsky oa Winnipeg, Canada. “The Toronto Star,” e bolela hore, Barsky o hlokometse sena ha ngoana ea lilemo li tharo a e bolella hore o batla “sebetsa se tsoa sibolloa” bakeng sa Keresemese. Ka lebaka leo, Mokhatlo oa Sechaba oa Thelevishene ea Mananeo a Bana o batla ho felisa liphatlalatso tsohle tsa libapalisoa thelevisheneng. “Libapalisoa tsa pefo” li ka tsoala pefo, ho lumela Barsky. “The Times” ea London ha e tlaleha ka tlhahlobo e entsoeng ke Letšolo la Patlisiso ea Kankere Glasgow, Scotland, e hlokometse: “Bana ba ka tlaase ho lilemo tse tšeletseng ba susumetsoa haholoanyane ke phatlalatso ea koae ho feta kamoo batho ba baholo ba hlokomelang kateng.” Mabakeng ’ohle likotsi lia bonahala, empa tharollo e larile hokae? Ka sebele e ho batsoali, ba nang le boikarabelo bo boholohali katlehong ea bana ba bona ka ho hlokomela seo ba ba lumellang ho se shebella thelevisheneng.