Leqephe la Bobeli
Ke hobane’ng hangata bolumeli bo ile ba baka likarohano, ba hōlisa lehloeo, ’me ba tšehetsa lintoa tsa mekha? Ke hobane’ng ha bolumeli e le taba e tsosang khang hakaana? Na bo tla lula bo le joalo ka mehla? Ho qala ka tokollo ena, “Tsoha!” e thabela ho etsa patlisiso e tebileng ka bolumeli le ka bokamoso ba bona—bokamoso bo tla ama motho e mong le e mong ea phelang hona joale, ho kopanyelletsa le uena. patlisiso ena e tla hōlisoa sehloohong sena esita le litokollong tse latelang tsa “tsoha!” tse 12.