Leqephe la Bobeli
Batho ba limillione ba tšepahalang ba lumela mehlolo, lipono tsa mohlolo, le lipono. Ba subuhlellana litempeleng tse tšoanang le e bontšitsoeng mona Fátima, Portugal, ka tšepo ea ho fumana kapa ho bona phekolo ea mohlolo. Ba bang ba inehetseng ba ne ba khasa ka mangole ho ea tempeleng. Ba ba-ngata ba lumela hore ba phekotsoe. Empa batho ba bang ba tšepahalang ba botsa, na ha e le hantle mehlolo ee le lipontšo li tsoa ho Molimo? Na ho na le tlhaloso leha e le efe?