Likereke li Lebala “Mosebetsi oa Pele le oa Bohlokoahali”
JESU o boletse hore mosebetsi oa pele le oa bohlokoahali oa Bakreste e ne e le ho bolela “Evangeli ena ea ’muso.” (Mattheu 24:14) Ho e-na le hoo, hangata likereke ho potoloha lefatše li buella likhetho tse itseng tsa lipolotiki bakeng sa litho tsa tsona. Ka lithuto tsa molomo, likoranta, esita le ka mangolo a baruti, phutheho e khothalletsoa ho tšehatsa lintoa le mekhatlo e meng e mabifi e loantšanang le mebuso e hlonngoeng. Ba khothalletsoa ho kenya letsoho merusung le boipelaetsong ka mabaka a fapaneng a lipolotiki.
Ho itšunya hona lipolotiking ho hapile tlhokomelo hoo makasine oa Sedutche Kerk en Theologie (Kereke le Bolumeli) o bolelang hore mosebetsi o moholo oa likereke haesale oa bohlokoa. O boletse tlhahlobong ea ’ona ea buka Alles is politiek, maar politiek is niet alles (Ntho Tsohle ke Lipolotiki, empa Lipolotiki Hase Ntho Tsohle): “Kereke . . . e lokela ho emella thōko litabeng tsa lipolotiki. . . . Mosebetsi oa eona oa pele le oa bohlokoahali ke ho phatlalatsa Evangeli.”