Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 6/8 leq. 3
  • Ho Rekisa Lefu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rekisa Lefu
  • Tsoha!—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Matla a Motho a ka ba Thibela?
    Tsoha!—1989
  • Ntoa ea I ea Lefatše le Qaleho ea Litlokotsi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Tlaleho ea Naha Kapa Tšimo
    Tlaleho ea Lefatše Lohle ea Lipaki Tsa Jehova ea Selemo sa 2019
  • Libetsa Tse Nyenyane, Mathata a Maholo
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 6/8 leq. 3

Ho Rekisa Lefu

Ha lefatše le sebelisa liranta tse ka bang limillione tse peli le halofo ka selemo hakeng sa libetsa:

Batho ba 800 000 000 ba futsanehile

Ba 770 000 000 ha ba na lijo tse lekaneng bakeng sa mosebetsi oa bophelo ba letsatsi le letsatsi

Ba 100 000 000 ha ba na matlo

Ba 1300 000 000 ha bana metsi a hloekileng a ho noa

Bana ba 14 000 000 ba shoa selemo le selemo ka baka la liphello tsa tlala

BA ’NILE ba bitsoa Barekisi ba Lefu, Baepi ba Mabitla a Sechaba, Lethopa le Kankere ’Meleng oa Mokhatlo oa Batho. Bo-mang? Barekisi ba lefatše ba libetsa. Hobane’ng? Mehleng ea pele, ba ile ba boloka masole a hlomelletse ka lisabole, marumo, lilepe, le metsu ea marumo bakeng sa ho bolaeana ha batho ka sehlōhō mabaleng a ntoa. Lekholong lena la lilemo, ba entse le ho nehelana ka lithunya, libomo, litanka, likepe tsa ntoa, lifofane, khase e chefu, le liqhomane bakeng sa ho bolaea batho ba limillione lintoeng tse peli tsa lefatše ha ho ntse ho senngoa liranta tse limillione tse liketekete tsa mehloli ea lihlahisoa tsa motheo, joaloka metse, matlo, le thepa e ’ngoe. Ba rotelitse lintoa tse fetang tse 120 tse loannoeng ka mor’a ho fela ha Ntoa ea II ea Lefatše.

Ba tsoela pele ho rotetsa lintoa tse sehlōhō haholo likarolong tse fapaneng tsa lefatše. Ba rupela masole a Linaha tse Futsanehileng bakeng sa ho sebelisa libetsa tsa ’ona ha molemo. Ba hlomelletse mebuso ea ntoa ka libaka tsa pokello ea libetsa tsa ntoa tsa nuclear tse tsebang ho timetsa lelapa la motho ka makhetlo a mangata le ho fetola lefatše sebaka se se nang baahi. Ba bonahala ba sa loka ho hang. Lepetjo la bona e ka ba “Lefu la hao—phaello ea rōna.”

Ha ho khoebo e ammeng lelapa la motho ka ho teba joaloka khoebo ea libetsa. Bopaki bo hlakile. Sehlooho se latelang se tla senola linnete tse ling tse khathatsang kelellong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela