Leqephe la Bobeli
Ke tsube kapa ke se tsube, eo ke potso. Ka mehla u talimana le eona ha u le mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20. Ha ho na lebaka le u tlamang hore u tsube. Ke qeto ea botho. Empa ho ea ka litsebi tsa meriana, ena ke qeto e ka bang le liphello tse kotsi bophelong ba hao. Ekaba ea lekanyetsa hore na u tla shoa neng hona joang.
Ka baka leo, ho phahamisoa lipotso tsa bohlokoa: Na ke ho bontša litekanyetso tsa boitšoaro ho phatlalatsa lihlahisoa tsa koae? Na ke boitšoaro bo ka lokafatsoang hore lichaba tse ipitsang tsa Bokreste li romelle lihlahisoa tsa tsona tsa koae linaheng tse ling, le ho li tšollela lichabeng tse ling? Na barekisi ba koae ba rekisa boloetse le lefu? ’Me erekaha batho ba khetha ho tsuba, na ho hlile hoa tsotelleha?