Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 7/8 leq. 16
  • Litsela Tse Leshome Tsa ho Khaotsa ho Tsuba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela Tse Leshome Tsa ho Khaotsa ho Tsuba
  • Tsoha!—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • Itokisetse ho Tobana le Mathata
    Tsoha!—2010
  • Molimo o Ikutloa Joang ka ho Tsuba Koae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ho Tsuba—Pono ea Bokreste
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 7/8 leq. 16

Litsela Tse Leshome Tsa ho Khaotsa ho Tsuba

1. Susumeletseha e le ka ’nete. E-ba le mabaka a matle le a utloahalang a ho batla ho tlohela—boikutlo ba ho itlhompha, ho ameha ka bophelo ba hao bo botle, ba hona joale le ba kamoso; kameho ka baratuoa ba anngoang ke tloaelo ea hao e kotsi; takatso ea ho hloeka, ’meleng le boitšoarong, ho uena le ho Molimo.

2. Ipehele letsatsi la ho tlohela, ’me u le latele. E tlohele ka ntle ho thuso ea meriana; ho utloisa bohloko haholo, empa ho fola kapele.

3. Nka bohato bo tiileng ba ho tlohela tloaelo ena. Roba lisekarete tsohle tse leng ka tlung, ’me u li tšele ka metsi. Hloekisa liaparo tsohle tsa hao tse nkhang koae. Qala bophelo bo bocha, ikutloe u nchafetse!

4. Qoba tikoloho e nang le mosi oa koae le metsoalle e tsubang ha u ntse u qeta nako ea hao ea ho tlohela nicotine. Etela libaka tseo ho tsona ho tsuba ho thibetsoeng, joaloka libaka tsa polokelo ea lintho tsa khale le lilaebrari.

5. Boloka chelete eo u ka beng u rekile koae ka eona ’me u e bale ka mor’a khoeli! Reka ntho e ’ngoe eo u hlileng u e hlokang. Kapa reka mpho bakeng sa moratuoa oa hao eo le eena a ka thabang ha u hlōtse.

6. Boloka ’mele oa hao le matsoho li tšoarehile ka linako tseo u neng u tloaetse ho nanabela sekarete ka tsona. Hlafuna gum (e seng nicotine) kapa u je lipompong ha takatso ea hao ea ho tsuba e u ja. Ho e-na le hore u tsube, hloekisa meno ka mor’a lijo. Otlolla maoto, ngola mangolo, roka, sebetsa serapeng sa lipalesa, lokisa lintho, hloekisa koloi, jj.

7. Ha u ikutloa u ferekane kapa u tepelletse maikutlong, hemela holimo u sa potlaka. Ho e-na le hore u nanabele sekarete, noa metsi a mangata kapa lero la litholoana. Lero lea hloekisa.

8. Etsa boitlhakiso ba ’mele bo lekaneng matla a hao. Hlahloba pele le ngaka ea hao hore na ke’ng se utloahalang seo u ka se etsang. Ho ntlafala ha boemo ba ’mele oa hao ho tla u khothatsa.

9. Fokotsa tekanyetso ea ho noa joala. Hangata joala le sekarete “lia tsamaelana,” kaha joala bo ka susumetsa takatso ea ho tsuba. Fokotsa linako tsa ho thabela botsoalle ha sena se etsahala. Talima liphatlalatso tsa koae ka leihlo le nyatsang—elelloa boikhakanyo ba tsona. U se ke ua nkeha hape.

10. Haeba u ntse u nahana ka ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, rapela Molimo ka botšepehi hore o u thuse ’me u sebetse tumellanong le lithapelo tsa hao. U se ke ua lebella mohlolo; etsa hore ho etsahale.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela